Cosmology

Mahodimo a Mophato

By Zulumathabo Zulu © 2015

Haba fihla teng
Baapara letsoku le lesweu
Mmala wa kgwedi
Hohalaletsa botle ba kgwedi
Hosupa makgatha a thuto
Ditaolo tsa baholo
Diya thopothela
Horesiela ditaola
Hotseba ka bona
Hoketeka nahanosene lewa
Hosupa qaleho dinaleding
Holokoloha ditlamong

Haba tloha teng
Baapara letsoku le lekgubedu
Mmala wa letsatsi
Hopaka phetho ya mophato
Haba fihla motseng
Hoya didietswa
Mathejane le makolwane
Hotseba ka bona
Qaleho mokgubung wa kganare
Hoketeka lewa la nare
Holokoloha ditlamong

Contextual Commentary

Ha kganya ya kgutlotharo ya Sefalabohoho, Tosa le Kgwedi di kgantshetsa mahodimo, Mophato wa fetoha seqhomane ka ditaba le dithothokiso tsa barutuwa le bakwetlisi hoananela mahodimo ba potapotile mollo. Bokgeleke ba lethathama ka seletsa sa Basotho sa Lekodulo ba chesa ditlhase tsa boemo ba semoya. Seletsa hape sa hopotsa ka Mamkgorong. Bakwetlisi le baithuti baile ba lokelwa ke boemo ba semoya ka baka la ketsahalo ena mahodimong. Engwe kwetliso ene ereneketsa botodi ka hofetolela mefokolo ho semelo sa mankgonthe. Ya ba mokwetlisi o laya baithuti ka hore ba lahle dikelello tse botswa hofumana tse nchoncho. Kwetliso ena ene e toboketsa hohlola bobe ka botle le hojwentsha hlompho ho phahamelo ya dimelo tsa leloko la botodi le bonkgonthe ba teng. Yaba diqhweleqhwele, dikwakwariri le bakwetlisi ba kgothaletsa baithuti hore bokamoso ke babona hafeela ba mamela semoya ho boteng ba bona hape ba tataiseha ditaolong tsa baholo ba boqhweleqhwele.

 

Hlola Youtube video: Lesotho: Basotho Women performing a traditional Basotho Song and Dance. Releboha Lesotho Pretoria.

5 thoughts on “Mahodimo a Mophato

    1. Rethabela mantswe ao a kgothatso. Sekare babangata baka etsa jwale ka wena bangole horefa maikutlo a bona hobane reetsetsa bona.

      Retla sasanka hokenya ditaba tsa baholo maqepheng ana. Kenako ya bona ena. Hape rebatla hotsoseletsa marangrang a kgale hore sechaba sa kajeno le sona sekgone hokgaba ka masika a sona. Reseke ra dula refefoha feela ka ditsokotsane tse tsamayang di fothola basenang botsitso.

      Hlola hantle ngwaneso emotle.

      Like

    2. Mohlomhehi Kabelo ha bonkgono dikakapa tse kgolo babokwe. Retla phetha jwale ka ha okgothaletsa. Ha lesedi lena la bona lekganye hore lefifi le aparetseng sechaba le apohe.

      Hakengola maqephe ana a baholo ke nale hoakga meokgo ka hoameha ke moya wa bona. Baile ba kgetha modisa wa Matamong hojara ditaba tsena. Nkabe ba kgethila batswang maemong a phahameng feela baile bakgetha modisa ya dikobo dimahetleng hore ebe yena yatlang hongolo le hotsamaisa thomo ya bona. Yaba ke thabela thomo yeo.

      Leha rephela ka tlasa kgatello ya moruwo le bao ba kgesang, ha reyaka ra lahla tshepo le kgalalelo ya ditaba tsa baholo. Reile ra tiisetsa kekaba leo a mqephe ana a hlahela mona.

      Hababuwa Basotho ba kgale bare “Ngaka haekgutlele badimong le ditaola tsa yona; etshwanela hodisiela ba setseng” Feela hape bare “Ngaka eka sesiye ditaola le bao ba dikgesang; etla tshwanela hotsamaya le tsona; ditla kgutla ka hokgutla hohong”.

      Reyaleboha ngwaneso ka hore ngolla. Hababangata banke maleba howena. Rehloka hokgothatswa le hotsheetswa haholo hore ditaba tsa thari entsho ditiye ditswelepele.

      Lesedi! Kganya! Dikakapa tsekgolo!
      Zulumathabo

      Like

  1. Ntate ntšoelle ke lelale. Nsue ke be bonolo, u mphehe ke butsoe ke nene botala! Ke ananela le ho phahamisa boiteko ba hao qaqapa e khabane. Uena u fihlile botsekeng hantle ba tsebo, ehlile puo ke eona khubu ea monahano le bohlale ba sechaba.

    Like

    1. Bokang!

      Raboka dikakapa tse kgolo! Bomamarangrang! Bomamophato! Bomaqhoboshena! Eleng bona beng bamosebetsi! Eleng bona beng bamaqephe!

      Raboka dikgomo le manamane! Sabonga izinkomo namankonyana! To venerate the sacrosanct cows of the ancestors! Thokoza Makhosi!
      Zulumathabo Zulu.

      Like

Leave a Reply