Mamela Kgaso ka Tumelo ya Setho ho Lesedi FM Qetellong ya Dingolwa Tsena.
Hontsha Thari Ditlamong
By Mocholoko Dr Zulumathabo Zulu © 2022
Selelekela
Bana ba Thari ya Tshepe ba shebane le diphepetso tse kgolo dinakong tsena. Habana mobu hoiketsetsa masimo hojala meroho; mabele; meriyana le hotheha dikgwebo hontlafatsa maphelo a bona ka hoetsa Matsema. Baja papa ya pone e tlileng le makoloneala aileng a nka naha ka mahahapa. Papa ya Bonkgono le Bontatemoholo ke papa ya mabele. Kajeno papa ya mabele ke sejo sa phupu le bafu. Hoo hopaka hochabalala ha setso. Moetlo haofetela baneng oya shwa.
Re lahleile haholo! Fela hochecha hase hobaleha, ke honka matla. Hare kgutleleng moo retswang teng hotla nka matla ka masika le diboko tsa rona. Nka nako hobala maqephe a na a ngoletsweng wena ngwana wa Thari ya Tshokedi (Melanin).

Hoitseka, Reboka Badimo Ba Baholo
Reboka bophelo! Reboka mofuthu wa Letsatsi! Reboka honesetswa pula! Dithapelo tsa rona tsa Kalane ya Motsheyo dinesetswa pula! Ha e re nele! Nala! Reyaboka! Madume!
Reboka le leme la Setho le santsaneng le le teng le ha naha ba enkile ka mahahapa; ka bohlabaphiyo le boqhekanyetsi ba kereke ya bokoloneyale. Boholo ba naha bo diatleng tsa dikereke ba bokoloneyale fela bae hata ka maoto taba eo jwalo ka baqhekanyetse.
Rekgalema lenyatso la batubi le bahlabaphiyo ba bona ba re hateletseng ha bohloko nako e telele ba ntse ba sebedisa le leme le monate empa dipelo tsa bona di rohaka Thari entsho.
Refetohile bahlanka le makgoba naheng ya Bonkgono le Bontatemoholo. Resebetsa mesebetsi ya kgatello ka chelete e sayeng kae re rata re sa rate. Resebetsa mesebetsi ere sae rateng ka baka la ditlhoko le boemo bo fokolang. Leele le otla botsekeng le reng “Tsietsi e hlaha mabaka a fokola”.
Batubi basebedisa chelete jwale ka sebetsa sa horejesa kgwebeleng le horekenya matswalong ha kgwedi efela. Retla lefa rente jwang? Retla reka dijo jwang? Retla palama jwang?
Ba renketse naha ya rona e nonneng ka moruwo; dimela; meroho; metsi a dihlaba le didiba tse hlabosang hara mpa ya letsatsi. Bonkgono le Bontatemoholo bane baruile naha le diphofolo. Diphuputso tsa rona tsa Madisebo University Research Institute disupa hore lelapa leleng le leleleng nakong tsa kgale lene le ruile dikgomo tse fetang dikete tse tharo. Kajeno boleng ba dikgomo tseo difeta diranta tse diketekete tse mashome a mararo (ka puwo ya sejwalwjwale ke diranta tse dimillione tse fetang mashome a marato).
Ke leruwo le leholo le neng le tshwanetse hofetela baneng ba Thari. Fela kajeno le leruo lelo le jewa ke bana ba Batubi. Bana ba Thari bona ba tswallwa mekhukhung echang lore ka mollo wa kotsi ya tshwanyetso. Hona etsahala ka mabaka a hohloleha hontsha Tharo entshi ditlamobg tse sehlang.
Moruo wa naha ya Bonkgono le Bontatemoholo ojewa ke bona Bahatelli le bana ba bona ha rona re korotlelwa ke leuba la lephako.
Mabitla a bonkgono le Bontatemoholo a nyedisong ena e tabolang pelo eqetelle eqitsa madi. Ha rena matla a holwanela le hosireletsa mabitla ana a hlokolotsi.
Meriyana ya rona ya Setho e kgolehong ya batubi ba Bokone. Hare kwetlisa Bacholoko; Mathuwela le Bakoma retlola metero ya metlakase holatella bo Modi; bo Mothokgo; bo Kgutsana ya Naha; bo Noko; bo Lephelephele; bo Hlwenya le bo Setima mollo jwalojwalo ka letoto la bosafeleng.
Refetohile mashodi naheng ya Bonkgono le Bontatemoholo. Refetohile bafutsana naheng ya rona. Rehloleha hoiketsetsa ka tlasa diketane tse sa bontsheng tsa batubi.
Meetlo ya rona e rohakilwe. Dikereke tsa bokoloneyale tse reng lekgowa ke modimo le dikolo tsa bona tsa bokolonele tse nyedisang diboko tsa rona le dipopi tse tshweu tsa sekgowa holahleisa ngwana wa Thari ya Tshokedi le disebediswa tsa bohlabaphiyo dikentse thohakong mahlale; ditshomo; dipale; maele; malepa le dilotho tseo re disiyetsweng ke Bonkgono le Bontatemoholo Dikakapa tse kgolo!
Mephato ya rona enyedisong! Masaka a rona le mabitla a Bonkgono le Bontatemoholo a halalelang a nyedisong le thohakong ya ditloholo tsa bao bare amohileng naha. Baetapele bao re bakgethileng ba fetohile mahlabaphiyo le barekisi. Le bona ba kene mommoring wa honyedisa setso; leleme; moetlo le bonono ba rona.
Fela le ha holejwalo ka masisapelo, bophelo botswelapele. Hopolang ntwa ya hotseka naha. Leha Bahale ba rona banketswe naha ka mahahaoa, frla baile ba tshireletse ka bkgoni boboholo hotshireletsa peo ya palesa ya lehwatata.
Peo ya lehwatata ke semaka se seholo. Peo ena ekgona hodula ka tlasa mobu o omeletseng wa lehwatata dilemo tse telele e emetse pula ya lehwata. Pula ena haetle fela. Nakong enka mashome le makgolo a dilemo entse e emetse pula. Peo ya serapa haena wona aho pheela nako e kanakana.
Fela hore peo ya lehwatata ekgone hopheella nako e tele, etlameha hoitwanela ho dikokwanahloko le dibokwana tse ohelanh ka tlasa mobu wa lehwatata. Dikokwana tsena dinale bokgono ba horatha peo ya palesa ya lehwatata hosale hosena mohlala wa hore hoki.e haeba le peo mona.
Baholo bakgonne hosireletsa peo ya setso sa rona. Leha edutse katlasa mobu ka hosedu gellwe hohlahella ka mahetlaa fela eya phela. E emetse fela pula ya lehwatata.
Puo ena ke tsebo ya setso sa rona. Pelo ya peo ena ke leleme la setho. Haremtse re kgona hobuwa leleme la Bonkgono le Bontatemoholo re botleng.
Holwanela peo ena hore e bolokehe, retlameha hontsha ditshehlo tsa mona; mohono le lenyatso. Bala maqephe areng Ditshehlo Tse Tharo a ngotsweng ke Mocholoko.
Retlameha hoema ka maoto reiketsetse, holatela maele a mahlano a Baholo a reng:
- “Ntho tse ntle diyaiketsetswa”.
- “Mphemphe eya lapisa, Motho o kgonwa ke sahaye”.
- “Molapo o tlala ka melatswana”.
- “Letsema leema ka beng ba balona”.
- “Ba thari hase ba madi fela, le bana ba mokgwahlapiso ke ba Thari”.
Ke tseo ditaba tse hlokang thuiso! Ditaba tsa Bonkgono le Bontatemoholo. Baholo ba rona.
Ha re kopaneng Basotho ba batle. Mocholoko Dr. Zulumathabo Zulu ha buwe fela. O se a kentse mohomo temeng. Tema e teng. Eya bonahala tema ena le mohoma wa teng. Re qadile hoemisa Tshokedi ya Thari ka Mophato o moholo oikemetseng wa Madisebo University College mona lebatoweng la Gauteng. Ntho tse ntle diyaiketsetswa! Reikemetse. Hare amohele chelete ho bahlabaphiyo ba tlang hore laola le horejesa kgwebeleng.
Retlameha hotlola ka moo re ratang ka teng hore re rethete ka moo retlanehang horetheta ka teng. Re retheta ka tsamauso ya Sedimo.
Reyatlolaka jwalo ka namane ha ethala. Reyaiketsetsa jwale ka hothwe ntho tse ntle diyaiketsetswa. Fela re hloka tsheetso ya lona hoemisa Thari e ntsho. Letsema leema ka beng ba lona. Re nale letoto la dibuka jwale ka Sesotho Dictionary of Mathematics; Kgolaboloko: African Roots of Cosmic Genesis, jwalojwalo.
Fumana bukana Madisebo University College Handbook tjena:
Nka sebaka hoetela maqephe arona:
zulumathabo.com le
madisebo.university
Ngolla Mocholoko tjena:
mocholoko@madisebo.university
Reboka moretheto wa Sedimo. Raboka Badimo ba Kgethe le Fere. Haba bokwe Baholo! Thokoza Makhosi!
Hele ra fetoha makhoba a batho ele ka kannete ba nyatsa setso,sa batho ba batsho bare ke mademona hkm.
LikeLike
Dear Motlalepula Mohale,
Relebohela matsapa le maikutlo a hao! Keutlwa dillo tsa hore setso sa rona seya nyatswa bare ke matemona. Hoo ke nnete ya Mmakoma! Fela rona rereng, ; retsang ka taba eo? Holla haothuse. Retshwanela hotlama senyepa reeme ka maoto.
Taba kgolo ke hore rona beng ba setso rereng? Bakase rejese seo rona resasejeng! Hobontsha le rona re kgema le bona.
Basotho bakgale bare: Ntho tse ntle diyaiketsetswa! Mphemphe eyalapisa! Motho okgonwa ke sa haye!
Fela reromela bana ba ro;a dikolong tsa machaba; dikolong tsa mmuso; dikolong tsa dira! Rona hare ahele bana ba rona dikolo hotlaba ruta ka setso sa rona.
Hobaneng? Harena mahlahahlaha ka setso sa rona! Harena letsema! Letsema lene leshwe kgale! Le bolawa ke mang? Ke rona beng ba letsema. Hothwe letsema leema ka beng ba lona. Rona reeme ka thoko hotsela. Setso seshwa reshebile. Haresana poulelo? Haresana sebete sa holwanela seo eleng sa rona? Haresana boitseko?
Bona MaIndiya! Machaena! MaNigeria! Banale letsema le matla! Letsema la bona le matla haholo. Haotheha kgwebonyana hara bona e ema ka pelenyana. Mamfokeng ha a leka hophahamisa lebota la kgwebo bahaisane bare:
Mamfokeng yena o etsang? Emong are: O aha lebota! E mong are: Ke lebota la eng? E mong are: Bare o etsa Sphaza. Emong are: Ose tsebela kae Sphaza? E mong are: Retla mmona o tla fella kae! Lentswe leo kethohako ekgolo!
Haba rate ha Mamfokeng ayiteka. Bayabona hore Mamfokeng otshwarane le ditlena tsa tau. Ditlena tsena dikotsi! Dika montsha kotsi haba sa mothuse! Sebakeng sa hokenya matsoho hophahamisa Mamfokeng, bare: Hare emeleng ka thoko re bone hore otla fella kae! Tau qetelong eyabona hore haona yatlang hothusa Mamfokeng. Ebe Tau ere: Mamfokeng ke phofu yaka? Kewa kayena!
Ebe Tau ethola matla a hoharola Mamfokeng ebe hofedile ka yena. Ere haba buwa bare: Mamfokeng one are yena ke mang? Okare epaletse bonkgono le bontatemoholo, yena ke mang?
Ke bona bothata boboholo eleng rona Bana ba Thari. Bala maqhephe ana: Ditshehlo Tse Tharo:
https://zulumathabo.com/2018/08/02/ditshehlo-tse-tharo/comment-page-1/
Hare qalelleng hothusana le hophahamisana jwale ka bana ba Thari! Rekang dibuka tsaka. Ke mona sebakeng sa Sandton!
Thokoza Makhosi!
mocholoko@madisebo.university
LikeLike