Cosmology

Ditshehlo Tse Tharo

By Zulumathabo Zulu © 2018

Basotho ba batle! A ke re buwe ka taba ekgolo eleng sehloho sa dingolwa tsena maqepheng ana a phepa ya Badimo. Haeba ole motho ya nyatsang Badimo kapa ya sa kgolweng hobona, oseke wa senya nako ka hoiqobella ka seo osasejeng. Tsamaela hole le maqephe ana, hobane ditaba tsa teng dikgolo! Badimo ke bao! Thokoza Makhosi! Rebuwa mona ka boemo bo tshopodi eleng ditshehlo tse tharo. Kehlophile dingolwa tsena ka naneho ena.

Ke rerile hoama dintlha tse tharo maqepheng eleng  (1) ditshehlo tse tharo tse hlabileng thari entsho; (2) thatohatsihlekefetsi; le (3) tharimarangrang. Reqala ka holelekela.

Selelekela

Pele ke tswelapele, ere ke hlalose boemo baka le thomo yeo ke efilweng ke Badimo ba sebaka sebitswang ka hore ke Matamong lebatoweng la Freistata. Haeba ole sebadi sa dibuka le dingolwa tsaka, etlabe ese kgetlo la pele o utlwa ka sebaka sa Matamong. Dinakong tse tlang, ha Badimo ba dumela, ketla ipha nako ya hongola haholonyana ka sebaka sena se setle sa Matamong moo reneng rephidisana mmoho ka kgotso le Marena a maholo eleng bo Morena Masumu, eleng bona beng ba sebaka seo. Kajeno boemo bofetohile fela haseyona taba yaka kajeno.

Bukeng ya Chaka engotsweng ke mongodi emoholo eleng Thomas Mofolo, mongodi ohlalosa ha batsi ka bohlokwa; bonono le sedimo sa dinowa. Le ka ditaoleng tsa Sesotho hothwe ha ngaka elahla ditaola fatshe eya noha. Jwale he, oyabona bohlokwa ba bo Morena Masumu nalaneng ya rona ya Basotho.

Ntlha engwe, ke hore hangata kengola ka sejatlhapi (kapa sona sekgowa) bese babang bafihlelwa ke monahano wa hore ha ke Mosotho. Haeba o emong wa bao ba halalang Bosotho baka, o tsietsing ekgolo! Badimo ke bao! Thokoza Makhosi! Haona Mosotho ya tshwanang le Zulumathabo Zulu! Fela hore hotlile jwang ke be Zulu wa Mosotho kapa Mosotho wa Zulu, ke ditaba tsa nako etlang, hanka fumana sebaka sa ho ala taba eo. Hajwale, kgotsofalla hore “Kelekgolokwe ke Lekotswana; la hlaba kgoho ka lemao; laisa hoMorena Kgorong; la re ‘Bona Morena ke hlabile”. Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Jwale hare kene mothating wa taba ekgolo eleng Ditshehlo Tse Tharo tse hlabileng thari entsho. Taba ena enthefula maikutlo habohloko. Haholoholo, hore bana ba thari badumella masika; bonono; nalane le meetlo hore eshwe bantse ba e shebile.

Ele hore, Bana Bathri habana poulelo ya setso sa bona? Na eteng taba ya hore moetlo wa hao oshwe ontse oo shebile, osa etse matsapa a hoopholosa? Na, eteng taba ya mofuta ojwalo? Mehlolo ke dinowa! Mesenene ke batho! Baebeha taba Basotho bakgale ka nahanosene (philosophy) ya bona!

Hape, bare lepotlapotla le ja pudi, lesisitheho leja kgomo. Hare manolle taba ena tjena.

Ha re re, sethatong sa pele, ketso engwe le engwe etsamaya le ditshenyehelo tsa pudi kapa kgomo. Ha re re tshimo e yacha, o tlameha hoepotlakela hothibela kganare etlang hoechesa lore! Hoo, hotla ja pudi.

Ha re re sethatong sa bobedi, yona tshimo yeo eyacha. Haodieha hoepotlakela hotlaja kgomo nakong yeo o reng o thiba mollo o seng o tutile. Jwale mahareng a pudi le kgomo, o kampa wa jewa eng?

Kecho tje, hobane bana bathari banale bohloko boboholo ba lesisitheho. Leha tshimo ya bonono echa, bayasisitheha honale hore baraohe ka matjato le sefutho sena saesale. Thuisa ditaba tsena!

Baholo barona bane ba bone hore bana bathari banale bohloko ba honkela dintho fatshe ka lebaka la hosisitheha; hodikadika; hohulana! Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Ditshehlo Tse Tharo

Ke ngaka ya Mosotho eileng ya hodiswa bongakeng ba Kgolokwe.  Hadima moo, keile ka kwetliswa ke dikakapa tse kgolo tsa Bafokeng. Hakeyaka ka ikgethela. Keile ka kgethelwa ke Badimo ba Matamong. Fela, wena tseba taba ya hore ke ngaka etletseng. Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Ke Motho ya buisanang le Badimo haholo. Esale bankgetha ke sale monyane sebakeng sa Matamong. Bantlosa Lejweleputswa moo ketswallwang teng bankakasa hontlisa sebakeng sa Matamong.

Ntho enkgathatsang haholo ke hore “Hobaneng thari entsho e hloleha hophahama jwale ka machaba a mang?”. Monaejeriya oyafihla mona a sena letho, hanghang kgwebo ya haye eya a tleha jwale ka mochene o pompang metsi harona beng ba sebaka re jela kgwebeleng ebe ele hore qetellong reyabasola le hobatlatlapa ka hore barenkela mesebetsi.

Taba ena keile kaetobisa ho Badimo bao ke buwang le bona kgafetsakgafetsa. Rebuwa mona le Mamophato. Bala maqephe ana ka maikutlo a lethwethwe. Qotso ya puisano ya teng ke e na e latelang:

Lekotswana: Tlhatlhamacholo! Badimo ba batle! Dikakapa tse kgolo! Lekgotla la kgutlotharo! Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Hobaneng, thari entsho e hloleha hophahama? Le ha e kare eya phahama,  eboela ewe phara jwalo ka moketa ohlolehang hoiteka.

Mamophato: Haore”thari entsho” obuwa kang?

Lekotswana: Ke buwa ka moloko omotsho. Hobaneng le mpotsa ntho yeo le etsebang?

Mamophato: Reyaetseba taba ya hore “thari” ke moloko o motsho fela o qoseha hobeha taba ka botlalo; ka hootloloha le kahothatholoha o sebedisa mantswe a hao resao nahanele. Jwale o batla hotseba hore hobaneng thari e hloleha hophama?

Lekotswana: Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Mamophato: Thari ena yeo o naleng thaasello hoyona, e hlajuwe ke ditshehlo tse tharo. Ditshehlo tsona dingata tse hlabileng thari fela boholo ba bothata ba thari bo akaretswa ke ditshehlo tse tharo. Ditshehlo tsena tse tharo di arabela ho kotwanakgolo (percentage) e fetang mashome a robedi (more than 80%). Haoka utlwisisa ditshehlo tsena tse tharo, o tlabe o fihletse boholo ba taba.

Lekotswana: Ditshehlo tsena tse tharo, ke dife? Dibolelang? Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Mamophato: Tshehlo ya pele ke mona. Tshehlo ya bobedi ke mohono ebe tshehlo ya boraro ke lenyatso. Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Lekotswana: Kgele! Mona ebe o otshwana le mona o tsejwang ka lebitso la “jealousy”?

Mamophato: Tsehlo ya mona haetshwane le “jealousy”. Le ha dibatla dibapa, fela tshehlo ya mona e ikgethile ka hore e mela fela tharing e ntsho. E kgannwa ke lefufa. Ke ka baka leo hothweng “Lefufa, ke kwetsa ya mona”. Hona hosupa hore mona o tibile! Motho ya monelang emong, o lakatsa hore botle ba e mong bo wele hoyena a theseletse ka thoko monga botle. Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Lekotswana: Tsehlo ya bobedi ke mohono. Mohono ke ntho e tshwanang le mona. Haojwalo? Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Mamophato: Mona le mohono ha sentho e tshwanang. Le ha e kare mohono o ya tsamaelana le mona fela ha dikgannwe ke mokonko o tshwanang. Ha mona o kgannwa ke lefufa, mohono o kgannwa ke tshabo.

Ke ka baka leo hothweng “Dintja dihlaba mohono”. Hoo, hobolela hore dintja diyalla ka hobona hoitseng empa monga teng a sabone letho.

Mohlaleng wa thari, ha emong e kareng o tla a tleha morerong o itseng ka matsapa le mofufutso wa haye, e be yeo a mohonohelang o kenelwa ke tshabo ya hore Motho enwa a kanna a atleha. Kgonahalo eo ya hoatleha e hlaba mohonohedi ka ditsenene tsa tshabo ya hore mona honale kgonahalo ya katleho.

Ha re re o mokoting wa kgatello; Mannyeo le e na o mokoting wa kgatello le Sebatana le e na jwalojwalo. E be hohlahela taba ya hore Lekotswana le haufi le hotswa mokoting wa tubo hape le se le tla hlahela ka mahetla. E be jwale ketso ena ya matsapa a maholo a fihlela ditsebeng tsa Mannyeo le Sebatana. E be Mannyeo o re taba ya hore Lekotswana lese le hlahela ka mahetla hotswa mokoting e ya hlekefetsa; ha bona basale tlase mokatong o batang.

E be Mannyeo o re “Ha re kge metsi ka emere re wa tshele mokoting”. Hanghang ha metsi a thopothela maboteng, Lekotswana letla saka ebe re bina pina e reng “Saka le ena!”.

Kannete Sebatana a kge metsi a batang ka emere. A hase emere ya metsi ka mokoting wa Lekotswana. E re ha metsi ana a mohono ha a phorora le hothopothela maboteng a mokoti, e be hongaparela hola hoya saka;  Lekotswana lekgutlela fatshe mokatong. Ka tsela eo, Mannyeo le Sebatana ba re kgefu ka hotswa matswalong a bakuweng ke kgonahalo ya hore Lekotswana le ka tswa mokoting pele hobona.

Lekotswana ha le sa hlahela ka mahletla! Le wele moya jwale! Hona hokgahlisa Mannyeo le Sebatana.Tshehlo ya mohono ethibetse Lekotswana hotswa mokoting. Leha lene lererile hore haletswile, letla boetse le thusa Mannyeo le Sebatana hore le bona batswe ditlamong tsa mosima, fela ha ba batle le hotseba.

Kapuwo ya Sezulu mohono ke “Umkhulungwane”. Ha ba e buwa bare “Izinja zihlab’umkhulungwane”. Kahoakaretsa tshohlo ya tsehlo ya mohono, re0toboketsa ka hore “Sekere sa mohono, setshabana le setlama ha se hlomela”. Hape bare “Sekere sa mohono, setshabana le thari haephahama”. Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Lekotswana: Kgelek! Eboima taba ena! Jwale tshehlo ya boraro ya lenyatso yona e mothating ofeng? Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Mamophato: Tshehlo ya lenyatso yona e kgannwa ke hophahamisa bobe ka tshusumetso ya hobolaya botle. Ha re re, re moketeng o motle wa Badimo. Hoyakgijwa le hoqoqopelwa ka tsela ena e kgahlisang. Ha re re, Thabang o qoqopela ka bokgabane le bokgeleke bona baesale!

Bo mme ba ya didietsa le hoameha haholo ka moqoqopelo ona wa Thabang o kgahlisang. Bo ausi babatle le bao ba dirope tse benyang, ba atamela haufi le Thabang homochorisa ka moqoqopelo ona wa haye, hape ba batla le hoikakgela hoyena. Mannyeo le Sebatana e be ba hoeletsa ka hore “Lona le thetswa ke Thabang ka moqoqopelo ona o fokolang! O baleile ka mosadi wa motho mane QwaQwa ha monna yena a le morafong hofepa bana lelapa. Ontse a batlwa le hona jwalo. Haona letho mona”.

Ka tsela eo, Mannyeo le Sebatana ba etsa ka matla hotheola serithi sa Thabang ka hophamisa mefokolo ya haye; homobuwa hampe le honyenyefatsa bokgoni ba haye. Mannyeo le Sebatana ha ba elelwe taba ya hore hao tlatlapa serithi sa motho, o tlatlapa Badimo ba haye hobane serithi ke Badimo ba motho. Ka tsela ena, ba itlisetsa bomadimabe.

Ketso e na e tlola taelo e reng:

Bana bathari ba jarelana mefokolo“.

Hobolelang hore hao etse setsheisa kapa tlatlapo ka mefokolo ya emong. Osekaseka ditsela tsa hore yafokolang o motsheetsa jwang homontsha ditlamong tsa mefokolo.

Jwale Lekotswana le chorisa dikakapa tse kgolo!

Lekotswana: Mamophato! Raboka tlhaisoleseding ena entle ka phepa ya mahodimo. Mamophato, oyaehlanaka! Habohloko! Habohloko! Habohloko! Dikakapa tse kgolo! Babaholo Batho bao! Reyabahlompha Batho bao! Reyababoka Batho bao! Retsamaya le bona! Jwang kapa jwang! Retlabasebeletsa! Jwang kapa jwang! Retlaba emela! Jwang kapa jwang! Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Thatohatsihlekefetsi

Jwale re kena tabeng ya bobedi eleng Thatohatsihlekefetsi. Ena taba e khutshwane.

torofeiye engwe

Sefate sa torofeiye. Picture Credit: dreamstime.com

E be honale motho bophelong ba hao yeo o moratang haholo fela e le hore yena o yao hlekefetsa? Ha a bone melemo ya hao? O ya o jeqeula jwale ka sekere haobeha taba kapa o ntsha maikutlo a hao? Fela lehaholejwalo, o morata hoisa lefung? Motho enwa obitswa Thatohatsihlekefetsi. E kaba monna wa hao! E kaba mosadi wa hao! E kaba mora wa hao! E kaba moradi wa hao! E kaba motswalle wa hao kapa yona thatohatsi!

Morero wa taba ena, ke hore o bule mahlo hore oseke wa fahlwa ke lerato le senang mosebetsi eleng lerato letla qetella leo bolaile kapa lao holofatsa waqetella ose letho batsheha ka wena. Hothwe pelo eja serati. Marabe ojewa ke bana. Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

Tharimarangrang

Mona rebuwa ka motho yeo eleng hore o ya o rata haholo; o o etsetsa tsohle fela wena o bapala ka yena. O ya monyatsa! O ya moshapa! O ya motuba! O ya mohlekefetsa! Ha o mobone ka letho. O motshepisa dintho tse sa e tsahaleng fela bakantle bona ha ba wele fatshe jwale ka dikgalase ka hoba tatasella. Motho enwa o bitswa ka hore ke Tharimarangrang.

Haeba orata dingolwa tsena, rengolle o refe maikutlo a hao. O chorise mesebetsi ya rona emetle re saphela. O seke wa rehlekefetsa! O seke waretuba! Badimo ke bao! Thokoza Makhosi!

3 thoughts on “Ditshehlo Tse Tharo

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s