By Zulumathabo Zulu © 2015
Basotho babatle ke ena taba ekgolo ya selotho. Honale kganyapa emoholo ya dutseng hekeng ebenyang ya lejweleputswa. Olotha emong le emong ya kenang ka heke. Haba nepa selotho, ba fetella pele feela haba hloleha horarolla selotho ba metswa ke kganyapa hanghang ebe hofedile ka bona mona lefatsheng. Taba engwe hape ke hore, bakgonang hophunyeletsa hekeng bafetela sebakeng sa bonkgono le baholo moo bafumantshwang teng thupelo ka botlalo mayelana le masika, diboko le qaleho ya maphelo a bona. Sebaka sena se halalelang ke moo baholoholo ba phomotseng teng.
Jwale kganyapa elotha tjena na:
Ke mofuta ofe wa phofolo? Hoseng enale maoto a mane; harampa ya motshehare enale maoto amabedi ebe mantsiboya enale maoto amarao. Ke phofolo efe eo?
Otshwanela honepa seletho sena hanghang hoseng jwalo kganyapa haana nako ya tshenyo ya nako. Yena ometsa hanghang.
Romelang ditharollo tsa lona hophatlalatswa mona maqepheng a Zulumathabo on the Internet 2.0 ho marangrang a mahokela.
Reyaleboha. Relebeletse ka mahlo amakgubedu ditharollo tsa lona.
Ke motho Ntate waka
LikeLike
Morena emotle relebohela karabo ka potlako. Ebe oka hlalosa karabo ya hao? Reyaleboha.
LikeLike
Ke maru ha letsatsi ntse le tswella. Maru a fetoha ha nako e ntse e ya.
LikeLike
Kabelo re lebehela tsheetso ya hao ka hoarabela. Hlakisa hore ke maru ka tsela ejwang?. Hopola hore kganyapa ;hatshwanela hoo metsa. Otshwanela hoikgodisa.
LikeLike