Cosmology

Kgutlotharo – Kgwedi, Sefalaboho le Tosa

By Zulumathabo Zulu © 2015

Basotho babatle. Ketsena ditaba tsa baholoholo le bonkgono. Moo re thotseng teng tsebo ya kgale ya dinaledi. Hoya kgahlisa hotataiswa ke bona ka ditaba tsena tsa bonono, nalane le boqhweleqhwele ba bona. Hare bokeng ka ditaba tsena. Thokoza makhosi!

Maobane keile ka sebedisa motlanyatso hotshwantshisa kgutlotharo eo leebonang setshwantshong sena eleng naledi ephahametseng tsohle eleng Sefalabohoho. Keyona naledi efetohang Mphatlalatsane naledi ya meso dinakong tsetlang. Mphatlalatsane tshwanetse a rekgantshetse kgweding ya Hlakola. Hajwale kgweding ya Phupu rekgantshetswa ke Sefalabohoho.

Kgutlotharo - Kgwedi le Dinaledi Tse Pedi3

Keyahlalosa mengolong yaka jwale ka Basotho Origin of Mathematics, The Sacred Knowledge of the Desert le tseding hore baholoholo ba Basotho batswa dinaleding. Ke Batho ba mahodimo. Ke ka moo banaleng masika a hoila hore ba dule ba hlwekile ba sa silafatswe ke tsa lefatshe. Bonkgono ke moo basupelang teng qaleho ya bona. Ke ka baka leo batsebang ka dinaledi empa ba sena ditsebediswa tsa mabonela hole (telescopes) jwale ka diferkeikere. Mohlala, batseba hore honale naledi ebitswang Tosa hape naledi ena enale madinyane. Ke ka hoo hothweng “Hobona Tosa le madinyana ayona”.

Madinyana a Tosa ke dikgwedi tsa teng. Naledi ena enale dikgwedi tse ngata. Hape tseding tsa dikgwedi ke madinyana hoya ka bonyenyane batsona. Jwale potso ere: Basotho ba tseba jwang hore Tosa enale madinyana empa basena disebediswa tsa mabonela hole? Haokgonahale hobona dikgwedi tsa Tosa ntle le disebediswa tsa ponelohole. Hoo hopaka hore kannete baile ba nyanya tsebo ena letseweleng la mohlodi wa tsebo leng mokgubu wa kganare. Tsebo ena emading. Ke kabaka leo hothweng “Tsebo ya letswele emading”. Babetse ba tiise taba ena ka hore “Haele siyo mading, haeyo” hape bare “Haba saenyanya ke lefela la mafela”. Keyo taba ekgolo. Tsebo yannete keya letswele.

Morero wa Dinaledi Keeng?

Dinaledi ke tsona tse fanang ka tsebo ekgolo hofeta tsebo ya dikolo tsetlileng ka kgatello. Hobane dikolo tsena tsa kgatello le dikereke tsa teng dikgesa nalane le bonono ba sechaba sa thari entsho. Keyeo taba ekgolo! Baholoholo baile ba bona hore rebe le tsebo ya dinaledi hore dikgone hore kgantshetsa ka dinako tsohle. Leha re le mafifing dinaledi ditla dula dile teng.

Mohlala ke naledi ya Sefalabohoho. Haetla bitswa ka hore ke Sefalabohoho, ene efepelwa ke sechaba ka hoboka mahodimo haene echaba kgetlo la pele. Sefalabohoho se bonahala hanghang ka mora tikelo ya letsatsi. Dikakapa tse kgolo ditsibile hore ha letsatsi le dikela, re aparelwa ke kobo ya shwalane, sechaba seyahlokofala. Naledi ya Sefalabohoho ya kgantsha ka tsela ya hotshedisa le hotataisa ditseleng tsa kgale tsa bonkgono. Ke kabaka leo baneng bafepela Sefalabohoho ka Mabele kapa metsi a hlwekileng.

Rekgatha Efe Tema Hotloha Moo?

Jwale ka sechaba sa Rantsho, reile ra thefuleha habohloko ka baka la kgatello ya Makgowa. Lehlokofetse ka baka la hoamohwa naha ya bonkgono moo reneng reetsa mesebetsi ya rona teng ya nalane le bonono. Baholoholo ba ne ba aha sebopi ka letsopa; bakenya dibutswela tse entsweng ka makoko a pudi le dipompo tse entsweng ka letsopa kapa manaka a dikgama ho butswela sebopi. Bese ba nka leralla, ba le qhibidisa hotla ntsha tsepe eo baneng baetsa kayona dipitsa tsa tshepe, mabekere, dikotlolo, dikgaba, dithipa, mahale a ntwa kapa hotsoma jwale ka marumo, ditsenene, le tseding jwalojwalo.

Jwalo kajeno harena naha. Retshwana fela le ba dulang lesabasabeng katlasa komello ekgolo mayelana le bonono barona. Lesabasaba lena haretsebe hore letla fela neng. Feela, leha holejwalo, hareshebeng mahodimo. Hareleboheng ho dikakapa tsekgolo boSefalaboho leTosa leKgwedi entle. Dientse kgutlotharo.

Kajeno bolepi bosupa hore, Kgwedi etla ba haufi haholo le Sefalabohoho. Haole jwalo, etlaba lekgetlo lapele ka mora nako etelele. Lebellang hoo ha letsatsi le dikela.

Jwale kere Basotho, MaAfrika, dichaba tsohle tsa Afrika Borwa, latelang ditsela tsa bonkgono la baholo. Haeba obala mona, iputse potso ya hore basaleteng bonkgono kapa baholo lapeng la hao na? Oya ba natsa kapa haobankele hlohong? Moetlo wa hohlompha ho baholo oyaolatela na? Otseba hore otswa kae? Wena omang? Batswadi batswa kae? Ke dipotso tsekgolo tsena. Harekgutleleng sethong sa rona. Kehona moo retlang hothola teng mahlale a pateileng.

Moo Retswang Teng!

Keqetela ka hore:

Ke lekgolokwe ke lekotswana
Lahlaba kgoho ka lemao
Laisa hoMorena Kgorong
Lare “Bona Morena, ke hlabile”

Zulu, Mageba, Ndabezitha
Wa ka Malandela
Wa landel’inkomo zamadoda

Radebe, Hlubi, Bhungane, Mtimkhulu
Ngelelengele, Mashwabada
Washwabadel’inkomo nempondo zayo

Nkosi, Mtungwa, Mlotshwa, Siwela
Dlamini, Dlangamandla
Wenduku emnyama ya dabulamanzi
Nkonjane ya makhosi

Mangena, Mkhathini, Gumede
Khabanyova, Msuthu ka Khoza
Msuthu wesihlengela

Keokgothaletsa hore lewena o arabele mengolo ena. Romela dithothokiso kapa dithoko tsa hao. Ketla diphatlalatsa mona. Ketla thabela houtlwa maikutlo a hao ka leleme la hao. Reyaleboha.

Leave a Reply

Fill in your details below or click an icon to log in:

WordPress.com Logo

You are commenting using your WordPress.com account. Log Out /  Change )

Facebook photo

You are commenting using your Facebook account. Log Out /  Change )

Connecting to %s